Search
Close this search box.

Metaverse Academy

Melawana ya Ditshebeletso

Melawana le dipehelo tse latelang di tla busa tshebediso yohle ya webosaete ya https://metaverse-academy.tech le ditshebeletso tse teng kapa ka webosaete. Webosaete ke ya ebile e laolwa ke Institute of Entrepreneurship Development (“iED”). O nehelwa webosaete ha o amohetse tsohle ntle le ho fetola melawana le dipehelo tse teng le melao yohle ya tshebetso, maano (ho kenyeletsa, ntle le moedi, leano la lekunutu la METAVERSE ACADEMY) le mekgwa ya tsamaiso e ka phatlalatswang nako le nako webosaeteng ena ke komiti ya projeke.

Bala tokomane ena ka kelohlooko pele o ka sebedisa Webosaete. Ka ho sebedisa karolo efe kapa efe ya webosaete, o dumela ho tlangwa ke melawana le dipehelo tsa tumellano ena. Ha e be ha o dumele ho hang ho melawana le dipehelo tsa tumellano ena, o seke wa sebedisa Webosaete kapa o sebedise eng kapa eng eo e leng webosaeteng ena.

Baeti ba Webosaete

Jwalo ka balaodi ba bangata ba webosaete, METAVERSE ACADEMY e bokelletsa lesedi le sa bontsheng dintlha tsa motho tseo diseva tse ngata di le bontshang jwalo ka mofuta wa boraosa, kgetho ya puo, sebaka sa mohlodi hammoho le Letsatsi le nako ya kopo e nngwe le e nngwe ya ho eta. Sepheo sa METAVERSE ACADEMY ho bokalletseng lesedi le sa bontsheng dintlha tsa motho ke ho utlwisisa hore baeti ba METAVERSE ACADEMY ba sebedisa webosaete ya yona ho tlaleha ka projeke.

Pokelletso ya Lesedi le Bontshang Dintlha tsa Motho

Baeti ba itseng ba webosaete ya METAVERSE ACADEMY ba kgetha ho kgokahana le METAVERSE ACADEMY ka ditsela tse hlokang hore METAVERSE ACADEMY e bokelle lesedi le bontshang dintlha tsa motho. Boholo le mofuta wa lesedi leo iED (molaodi wa webosaete ya METAVERSE ACADEMY) o le bokellang le itshetlehile hodima mofuta wa dikgokahano. Haholoholo, re kopa baeti ba ingodisang sethaleng ho nehelana ka dintlha tse jwalo ka Lebitso, imeile. METAVERSE ACADEMY e bokella lesedi le jwalo feela bakeng sa projeke ya Yuropa. METAVERSE ACADEMY ha e phatlalatse lesedi le bontshang dintlha tsa motho ntle le ka mokgwa oo ho seng ho hlalositswe ka teng. Baeti ba ka hana ho nehelana ka lesedi le bontshang dintlha tsa motho nako e nngwe le e nngwe, ka tlhokomediso ya hore ba kanna ba se dumellwe ho fihlella dikarolo tse ding tsa webosaete.

Dipalopalo tse Kopantshitsweng

iED e ka bokelletsa dipalopalo ka boitshwaro ba baeti websaeting le ho tlaleha ka projeke. Le ha hole jwalo, iED ha e phatlalatse lesedi le bontshang dintlha tsa motho ntle le ka mokgwa oo o seng ho hlalositswe.

Tletlebo ya GDPR

Ha e be o na le pelaelo ya hore dintlha tsa hao ha di bolokwe ka tsela e tshwanetseng kapa ho na le tlolo ya melawana e hlalositsweng kahodimo, o eletswa hore o romele imeile ho projects@ied.eu o nehelane le ka lebitso la hao, Imeile le lebaka la Tletlebo ya hao ya tlolo ya GDPR.

Shopping Basket